Makgabane

amandla.mobi e bile ka pelepele ho qholotsa maemo a teng ka hara mekgatlo ya baahi, boitseko le ntshetsopele. Re fetisitse tsebahatso ya mohopolo wa hore ho tlisa phetoho ya tsamaiso, re hloka ho hlomella ba anngweng ka ho fetisisa ke tlhokeho ya toka ka disebediswa tseo ba di hlokang ho susumetsa diqeto tse hahlamelang maphelo a bona. Dintlhatheo tse tsheletseng tse ka tlase di bontsha kamoo re sebedisang makgabane a rona kateng.

Mmoho bakeng sa toka

Amandla, ho tswa ho mohoo wa kgobokano o kgahlanong le aparteite, Amandla Awethu, o bolelang matla ho batho. Ka ho bokella batho ba bangata re aha matla a batho ka mangolo a ditletlebo, ditshwaelo tsa setjhaba, dipontsho le maqheka a mang. Ho bokella ditho tsa rona le ho sebedisana le mekgatlo ya baahi e tswelang pele ho etsa hore ho be thata hore ba etsang diqeto ho se re tsotelle.

Ba kotetsweng ba na le lentswe

Batho ba kotetsweng, haholoholo basadi ba Batsho ba tswang malapeng a fumanang meputso e tlase, ba nkwa ba se na lentswe. Ha e le hantle, hangata re etella pele dintwa tsa toka. Re tsetela le ho sebeletsa ho thusa bahlophisi ba setjhaba ho hlola matsholo. Ha maphelo a batho ba kotetsweng ka ho fetisisa a ntlafala, ho ba jwalo ho ba bang kaofela.

Re haufi haholo le tharollo

Boiphihlelo ba ho kotelwa bo re etsa ditsebi tsa ho hlwaya sesosa sa bothata le ditharollo tsa moshwelella. Ka ho lokisa sekgeo sa phano ya ditlaleho se bulehileng dipakeng tsa ba nang le matla le ba anngweng ka ho fetisisa ke diqeto tsa bona, re thusa ho tlisa puso e ntle ka ho netefatsa hore re na le sebaka tafoleng ya diqeto.

Ho heletsa ditshita tsa ho kenya letsoho

Re fetotse selefouno e nngwe le e nngwe ho ba sesebediswa sa ho aha demokrasi. Ka ho etsa diteko le ho ntjhafatsa kgafetsa, re entse disebediswa tsa theknoloji ya setjhaba tse kenyelletsang tse kwalang sekgeo sa dijithale. Ho sa tsotellehe hore motho o dula hokae, o bua puo efe, kapa o tsotella taba efe, re ka bokella batho ka bongata ho etsa matsholo a hlolang.

Ho se inehele ho ba matla

Ho etsa bonnete ba hore re ikemetse ebile ha re nke lehlakore, ha re nke tjhelete ho bao re batlang hore ba ikarabele, ba kang mmuso wa rona kapa dikoporasi tsa rona ka kotloloho. Re fumane botshepehi ba mokgatlo wa rona, balekane le batho ba kotetsweng ka hore re lokise dintlha tsa rona, re behelle pele ditaba tsa ditho tsa rona le ho dula re tshepahala ho thomo ya rona.

Re touta kgahlamelo

Re dula re sebeletsa ho eketsa kgahlamelo ya rona ka ho sebedisa mehlodi le nako tsa rona ka nepo. Re sebedisa menyetla, re tiisetsa mathateng, re amohela ho hloleha e le dithuto mme re nka boikarabelo. Ka ditlhahlobo le ho ithuta, re ntlafatsa mokgwa wa rona wa matsholo ho ba le kgahlamelo e matla ka bongata.